4. re tla phetela ditloholo tsa rona dithoko tsa Jehova, le matla a hae, le mehlolo e entsweng ke yena.
5. O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,
6. e le hore o tsejwe ke moloko o hlahlamang, e leng bana ba tlang ho tswalwa,
7. hore le bona ba o bolelle bana ba bona, ba ke ba itshepele Modimo, ba se ke ba lebala diketso tsa Modimo, mme ba boloke ditaelo tsa wona;
8. ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.
9. Bana ba Efraime ba hlometseng, ba tshwereng diqha, ba ile ba baleha tsatsing la ntwa;
10. ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;
11. ba lebala ketso tsa wona tse phahameng le meeka ya wona, eo o ba bontshitseng yona.
12. O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.
13. Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;
14. motshehare wa ba tsamaisa ka leru, le bosiu bohle ka kgabo ya mollo.