33. Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.
34. Enereha o ba bolaya, yaba hona ba o batlang, ba kgutlang, ba batla Modimo,
35. ba elellwa hoba Modimo ke lefika la bona, le hoba Modimo, Mookamedi ya phahameng, ke Molopolli wa bona.
36. Empa melomo ya bona ya nna ya o thetsa, maleme a bona a bua leshano ho wona,
37. pelo tsa bona ha di a ka tsa o kgomarela ho tiya, mme ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa wona.
38. Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,
39. wa hopola hobane ke batho feela, ka phefumoloho e ikelang, e sa hloleng e boya.
40. Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!
41. Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.