Dipesaleme 78:28-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. wa di wesetsa dipakeng tsa ditente tsa bona, ka nqa tsohle ho meaho ya bona.

29. Yaba ba ja, ba kgora hampe; wa ba romela seo ba neng ba se lakaditse.

30. Yare ba eso ho kgodisise takatso ya bona, nama ha e sa le molomong wa bona, bohale ba Modimo ba ba tukela,

31. wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.

Dipesaleme 78