Dipesaleme 78:15-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Wa patsola mafika lefeelleng, wa ba nosa teng jwaloka hola ba enwa madibeng a maholo,

16. wa ntsha dinokana lefikeng, wa phallisa metsi ka diphororo.

17. Leha ho le jwalo, ba nna ba o sitelwa, ba nna ba kwenehela Mookamedi ya phahameng, lefeelleng.

18. Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:

19. Na Modimo o ka tseba ho re tekela tafole lefeelleng na?

20. O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?

21. Yanayare Jehova ha a utlwa dipolelo tseo, a halefa, mollo wa tukela Jakobo, bohale ba phahamela Iseraele,

22. hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.

23. Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;

24. wa ba nesetsa manna ho ba fepa, wa ba fa mabele a lehodimo;

25. ba eja e mong le e mong bohobe ba dinatla; wa ba romela dijo, ba kgora.

26. Wa fokisa moya wa botjhabela sebakeng, ka matla a wona wa tlisa moya wa borwa,

27. wa ba nesetsa nama e ka ka lerole, le dinonyana tse mapheo tse kale ke lahlabathe la mawatle,

28. wa di wesetsa dipakeng tsa ditente tsa bona, ka nqa tsohle ho meaho ya bona.

29. Yaba ba ja, ba kgora hampe; wa ba romela seo ba neng ba se lakaditse.

Dipesaleme 78