Dipesaleme 75:3-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Lefatshe le a tlakasela le ba ahileng ho lona; empa ke nna ke tiisang ditshiya tsa lona. (Sela.)

4. Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.

5. Le se ke la phahamisa lenaka la lona hakalo, le se ke la bua ka bonyefodi, ka melala e sataletseng!

6. Hobane kahlolo ha e tswe botjhabela, leha e le bophirimela, leha e le lefeelleng;

Dipesaleme 75