Dipesaleme 74:13-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.

14. Wa thumakanya hlooho ya leviathane, o e neetse diphoofolo tse lefeelleng e be dijo tsa tsona.

15. Wa tsaradisa mehlodi le melatswana, wa pshesa dinoka tse sa psheng le mehla.

16. Nyene ke ya hao, le bosiu ke ba hao; o entse lesedi le letsatsi.

17. O beile meedi kaofela ya lefatshe; lehlabula le mariha ke wena ya di entseng.

18. Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.

19. O se ke wa neela selalome moya wa leebakgorwana la hao, o se ke wa nna wa lebala bophelo ba bahlomohi ba hao.

Dipesaleme 74