Dipesaleme 73:26-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!

27. Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.

28. Empa haele nna, ho ba haufi le Modimo, ke molemo ho nna; ke beile setshabelo sa ka ho Morena Jehova, ke tle ke tsebe ho bolela mesebetsi ya hao kaofela.

Dipesaleme 73