Dipesaleme 72:14-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. o tla ba lwela bohorohosong le botubong, madi a bona e be ntho e hlokwang mahlong a hae.

15. Ba tla nne ba phele, ba mo nee dikgauta tsa Seba, ba mo rapelle ka dinako tsohle, ba nne ba mmoke kamehla.

16. Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.

17. Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.

Dipesaleme 72