1. Jehova, ke bea tshepo ya ka ho wena; ke se ke ka swabiswa le ka mohla o le mong.
2. O mpoloke ka ho loka ha hao, ke tle ke phonyohe; o sekehele tsebe ya hao ho nna, o nthuse.
3. O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.
4. Modimo wa ka, o nnamolele diatleng tsa monyefodi, le letsohong la molotsana, le la motubi.
5. Hobane wena, Morena, o tshepo ya ka; esale le botjheng ba ka, ke beile tshepo ya ka ho wena, Jehova.
6. Esale le popelong ya mme, ke itshetlehile ka wena. Ke wena ya nntshitseng maleng a hae; o tla nne o roriswe ke nna kamehla.
7. Ho ba bangata ke ka mohlolo; empa wena o setshabelo sa ka se matla.
8. Molomo wa ka o tletse dithoko tsa hao, ke ntse ke o rorisa ka matsatsi wohle!
9. O se ke wa ntahla mehleng ya botsofadi ba ka; ha matla a ka a fela, o se ke wa ntlohela.
10. Hobane dira tsa ka di ntsheba ka dipelo tsa tsona,
11. ba hloyang moya wa ka ba rera hammoho, ba re: Modimo o mo tlohetse; mo phalleleng, le mo tshware; hobane ha a na mmoloki!
12. Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!
13. A di ke di swabiswe, di fele, dira tsa moya wa ka tse batlang tahleho ya ka, di ke di apeswe ke dihlong le nyediso!
14. Empa nna, ke tla tshepa kamehla, ke nne ke bolele dithoko tsohle tsa hao.