Dipesaleme 69:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.

10. Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso;

11. ha nka ikapesa ka lesela le mahwashe le teng ke tsosa ditshomo tsa bona.

12. Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.

13. Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.

14. O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,

15. ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.

16. Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo,

17. mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe!

18. Atamela moya wa ka, o o boloke; o ntopolle ka baka la boithoriso ba dira tsa ka!

19. O tseba sekgobo sa ka le dihlong tsa ka le ho nyefolwa ha ka; ba ntwantshang ba pela mahlo a hao kaofela.

20. Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.

Dipesaleme 69