Dipesaleme 69:5-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Oho Modimo, o tseba diphoso tsa ka, le ditlolo tsa ka ha di a pateha ho wena.

6. Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka.

7. Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.

8. Ke fetohile osele ho banabeso, ya sa tsejweng ho bara ba mme.

9. Hobane tjheseho ya ntlo ya hao e ntjele, mme dinyefolo tsa ba o nyefolang di nkwela hodimo.

10. Ha ke ntse ke lla ke itima dijo, hoo ho mphetohela nyediso;

11. ha nka ikapesa ka lesela le mahwashe le teng ke tsosa ditshomo tsa bona.

12. Ke entswe sesomo sa ba dutseng kgorong, matahwa a mpina ka dipina.

13. Haele nna, thapelo ya ka e nyolohela ho wena, Jehova, nakong e tshwanelehang. Oho Modimo, o nkarabe ka bongata ba mehauhelo ya hao, ka nnete ya poloko ya hao.

14. O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,

15. ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.

16. Nkutlwe, Jehova, hobane mohau wa hao o molemo; o retelehele ho nna ka mehauhelo ya hao e meholo,

17. mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe!

18. Atamela moya wa ka, o o boloke; o ntopolle ka baka la boithoriso ba dira tsa ka!

19. O tseba sekgobo sa ka le dihlong tsa ka le ho nyefolwa ha ka; ba ntwantshang ba pela mahlo a hao kaofela.

20. Dinyefolo di robile pelo ya ka, ke bohloko haholo; ke lebeletse ba nkgauhelang, mme ba hlokahetse; ka batla le batshedisi, mme ha ke bone le a mong.

21. Ba nneile nyoko e be dijo tsa ka, mme ho nyorweng ha ka ba nnositse asene.

22. Tafole ya bona a e ke e ba fetohele lemena le sefi boiketlong ba bona!

23. Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla!

24. O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!

25. Meaho ya bona e ke e fetohe dithako, ho se ke ha eba motho ya dulang ditenteng tsa bona!

Dipesaleme 69