Dipesaleme 68:25-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.

26. Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!

27. Moo, ke Benjamine e monyenyane, mmusi wa bona; ke mahosana a Juda le makgotla a hae; ke mahosana a Sabulone, le mahosana a Nefthali.

28. Modimo wa hao a laetse hore o be le matla. Modimo, o tiise seo o se sebeditseng bakeng sa rona,

29. o le tempeleng ya hao, o okametse Jerusalema; marena a tla o tlisetsa dinyehelo tsa wona.

30. Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.

31. Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!

32. Mebuso ya lefatshe, phahamisetsang ho Modimo difela tsa lona; le binele Morena dipesaleme! (Sela.)

33. Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.

34. Ereng: Matla ke a Modimo, oo boholo ba wona ba okamelang Iseraele, oo matla a wona a bonahalang marung.

Dipesaleme 68