Dipesaleme 68:24-35 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Modimo, ba bone motsamao wa hao, motsamao wa Modimo wa ka, wa Morena wa ka sehalalelong.

25. Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.

26. Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!

27. Moo, ke Benjamine e monyenyane, mmusi wa bona; ke mahosana a Juda le makgotla a hae; ke mahosana a Sabulone, le mahosana a Nefthali.

28. Modimo wa hao a laetse hore o be le matla. Modimo, o tiise seo o se sebeditseng bakeng sa rona,

29. o le tempeleng ya hao, o okametse Jerusalema; marena a tla o tlisetsa dinyehelo tsa wona.

30. Kgalemela sebata se laletseng mahlakeng, le mohlape wa dipoho hammoho le manamane a ditjhaba tse hatakelang ditjhelete tsa silefera ka maoto. O qhalanye ditjhaba tse ratang ntwa.

31. Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!

32. Mebuso ya lefatshe, phahamisetsang ho Modimo difela tsa lona; le binele Morena dipesaleme! (Sela.)

33. Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.

34. Ereng: Matla ke a Modimo, oo boholo ba wona ba okamelang Iseraele, oo matla a wona a bonahalang marung.

35. Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!

Dipesaleme 68