Dipesaleme 66:3-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;

4. lefatshe lohle le tla o kgumamela, le o binele, le hodise lebitso la hao! (Sela.)

5. Tloong, le bone mesebetsi ya Modimo; o tshabeha ho etseng ha wona bakeng sa bana ba batho!

6. O ile wa pshesa bodiba ba lewatle, ba tshela noka ka maoto, ra ba ra ithabela ho wona.

7. Ka matla a wona o ntse o busa ka ho sa yeng kae; mahlo a wona a fadimeha hodima ditjhaba; bakwenehi ba se ke ba ikgodisa. (Sela.)

8. Rorisang Modimo wa rona, lona ditjhaba; utlwahatsang modumo wa dithoko tsa wona!

9. O pholositse meya ya rona, ha o a ka wa lesa maoto a rona a kgothometseha.

10. Hobane wena, Modimo, o re lekile, wa re tshekisa ka mollo jwalokaha ho tshekiswa silefera,

11. o nnile wa re tshwasa ka letlowa, wa bea phahlo e boima mathekeng a rona;

12. o nnile wa kallisa batho hodima dihlooho tsa rona, ra kena mollong le metsing; empa wa ba wa re nyolla teng ho re kgatholosa menonong.

13. Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,

14. tse boletsweng ke molomo wa ka, ha ke ne ke le matswalong.

15. Ke tla o hlahisetsa ditjheso tsa nku tse nonneng, le monko wa mafura a dipheleu, ke o hlabele dipohwana le diphooko. (Sela.)

16. Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.

Dipesaleme 66