Dipesaleme 66:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. o nnile wa kallisa batho hodima dihlooho tsa rona, ra kena mollong le metsing; empa wa ba wa re nyolla teng ho re kgatholosa menonong.

13. Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,

14. tse boletsweng ke molomo wa ka, ha ke ne ke le matswalong.

15. Ke tla o hlahisetsa ditjheso tsa nku tse nonneng, le monko wa mafura a dipheleu, ke o hlabele dipohwana le diphooko. (Sela.)

16. Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.

17. Ke howeleditse ho wona ka molomo wa ka, thoko ya wona eba lelemeng la ka.

18. Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;

Dipesaleme 66