Dipesaleme 59:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ntwele ho bao e leng dira ho nna, Modimo wa ka! O mpee qhobosheaneng hole le ba ntsohelang matla!

2. O nnamolele ho banna ba etsang hampe; o mpoloke ho banna ba madi!

3. Bona, ba tjhehetse bophelo ba ka maraba, Jehova; banna ba bohale ba nkopanetse, ke se na molato, leha e le sebe.

4. Leha ke se na molato, ba titima ba ntlhomeletse. Fadimeha, o tle ho nna, o tadime!

5. Wena, Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele, tsoha ho laya ditjhaba tsohle! O se ke wa hauhela le a mong wa baeki le ba bolotsana bao! (Sela.)

6. Ba kgutla mantsiboya, ba bohola jwaloka dintja, ba ntse ba potoloha motse.

7. Bona, ka melomo ya bona ba phutsalatsa mahlapa a bona, marumo a melomong ya bona, ba re: Na ho utlwa mang na?

8. Empa wena, Jehova, o a ba tsheha, o soma ka ditjhaba kaofela.

9. Wena, matla a ka, ke tadimile ho wena, hobane Modimo ke qhobosheane ya ka.

10. Modimo wa ka o nthakile ka mohau wa wona, Modimo o thabisa mahlo a ka ka tshenyeho ya bao e leng dira ho naa.

11. O se ke wa ba bolaya, esere mohlomong setjhaba sa ka sa lebala! ... O ba qhalanye ka matla a hao, o ba dihele, wena, Morena, thebe ya rona!

12. Ka mantswe wohle a melomo ya bona ho tswa dibe. A ba ke ba tshwaswe sefing sa boikgohomoso ba bona! Ba bolela mahlapa le mashano feela.

Dipesaleme 59