Dipesaleme 57:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

6. Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)

7. Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.

8. Kubuloha moya wa ka; kubulohang, lona thomo le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube a meso!

9. Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;

10. hobane mohau wa hao o moholo ho ya fihla mahodimong, le nnete ya hao ho isa marung.

11. Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

Dipesaleme 57