Dipesaleme 57:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.

2. Ke howeletsa ho Modimo, Mookamedi ya phahameng, Modimo o sebetsang bakeng sa ka!

3. O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.

4. Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.

Dipesaleme 57