Dipesaleme 55:11-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. tshenyeho e ikaheletse teng, botubo le thetso ha di suthe mapatlelong a wona.

12. Bonang, hola ke sera se nnyedisang, nka be ke mamella; hola ya ntlhoyang ke yena ya ntsohelang matla, nka be ke ipatela yena;

13. empa ke wena, monna eo o leng mokana e motswalle wa ka;

14. wena motshepuwa eo re neng re buisana le wena hamonate, eo re neng re ya le wena ka tlung ya Modimo re ena le setjhaba!

15. Lefu a le ke le ba tshware sehloho, ba tle ba theohele nqalong ya bafu ba sa utlwa! hobane bolotsana bo matlung a bona, bo mahareng a bona.

16. Haele nna, ke ntse ke howeletsa ho Modimo, mme Jehova o tla mpoloka.

17. Mantsiboya, le hosasa, le motshehare, ke ntse ke dumaela, ke sisa pelo, mme o tla utlwa lentswe la ka.

18. O tla ntlosa ke pholohile ntweng ena ba ntwantshang ka yona, leha ba ntwantshang ba le bangata.

19. Modimo o tla nkutlwa, o ba kokobetse, batho bao ba sa bakeng, ba sa tshabeng Modimo, kanthe o dutse teroneng ya wona kamehla le mehla. (Sela.)

20. Ba ntsha matsoho a bona ho tshwara ba dutseng ka kgotso le bona, ba roba selekane sa bona.

21. Puo tsa bona di bonolo jwaloka sereledi, empa pelo tsa bona di rata ntwa feela; mantswe a bona a fetisa ole ka monate, empa ke marumo a tsomotsweng.

22. Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela hore ya lokileng a nne a sisinngwe.

23. Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.

Dipesaleme 55