Dipesaleme 52:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.

2. Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.

3. O rata bobe haholo ho botle, le leshano haholo ho ditaba tse lokileng. (Sela.)

4. O rata dipolelo tsohle tsa tshenyo, wena ya nang le leleme le thetsang!

5. Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)

6. Ba lokileng ba tla bona hoo, ba tshabe; ba tla tsheha ka yena, ba re:

Dipesaleme 52