Dipesaleme 49:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.

8. Topollo ya bophelo ba motho e fetisa matla a hae, e tla nne e mo hlole kamehla.

9. Ha ho kamoo motho a ka lopollwang kateng hore a nne a phele ka ho sa feleng, a se ke a bona lebitla.

10. Tjhe, o tla le bona. Ba bohlale ba ya shwa; lewatla le sethoto le bona ba ya shwa, ba tlohelle basele maruo a bona.

11. Ba lekanya hore matlo a bona a tla ba teng kamehla, le meaho ya bona e dule ho isa ditloholong le ditloholwaneng; e leng bao mabitso a bona a hlomphuwang lefatsheng.

Dipesaleme 49