Dipesaleme 49:14-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ba soteletswa jwaloka dinku nqalong ya bafu, moo lefu e tla ba modisa wa bona; ka hosasa, ba lokileng ba tla bewa marena a bona; bokgabane ba bona bo ya fela, nqalo ya bafu ke moo ba tla aha teng.

15. Empa Modimo o tla hlwibila moya wa ka matleng a nqalo ya bafu, hobane o tla nkamohela. (Sela.)

16. O se ke wa tshoha leha motho a atisa maruo a hae, mme matlotlo a ntlo ya hae a eketseha!

17. Hobane mohla a shwang, a ke ke a nka letho, mme kganya ya hae e ke ke ya theohela lebitleng le yena.

18. Leha a ka ithoka a sa phela, leha batho ba ka o rorisa ka baka la menono ya hao,

19. e ka kgona o ye ho moloko wa bontatao, ba ke keng ba boela ba bona lesedi.

20. Motho, bokgabaneng ba hae, ya mpang a se na kutlwisiso, o tshwana le diphoofolo tse hlajwang.

Dipesaleme 49