Dipesaleme 47:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lona ditjhaba kaofela, opang ka diatla! Hlasimolohelang Modimo ka dipina tsa nyakallo!

2. Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.

3. O beile ditjhaba katlasa rona, le merabe katlasa maoto a rona;

4. O re kgethetse lefa la rona, mokgabo wa Jakobo eo a mo ratang. (Sela.)

5. Modimo o nyoloha ka mehoo ya thabo, Jehova o phahama ka modumo wa terompeta.

6. Binelang Modimo; binang, le binele Morena wa rona; binang!

7. Hobane Modimo ke Morena wa lefatshe lohle: o roriseng ka sefela se seholo!

8. Modimo o rena hodima ditjhaba; Modimo o dutse teroneng e halalelang ya wona.

9. Mahosana a ditjhaba a phuthehile hammoho ho ba setjhaba sa Modimo wa Abrahama; hobane dithebe tsa lefatshe ke tsa Modimo; o phahamile haholo ka ho fetisisa.

Dipesaleme 47