Dipesaleme 44:19-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. ha o tla re thuhakanya dinaheng tsa diphokojwe, wa re apesa ka moriti wa lefu.

20. Hola ra lebala lebitso la Modimo wa rona, ra emisetsa modimo osele matsoho a rona,

21. na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.

22. Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.

23. Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!

24. O re patellang sefahleho sa hao, o leballang bomadimabe ba rona le ho tujwa ha rona?

Dipesaleme 44