Dipesaleme 44:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. ha ke utlwa lentswe la mosomi le la motlaki, ha ke bona sera le mohlorisi.

17. Re hlahetswe ke tseo kaofela; leha ho le jwalo, re ne re sa ka ra o lebala, re sa ka ra tlola selekane sa hao;

18. pelo tsa rona di ne di sa ka tsa o furalla, le maoto a rona a sa ka a kgeloha ditsela tsa hao,

19. ha o tla re thuhakanya dinaheng tsa diphokojwe, wa re apesa ka moriti wa lefu.

20. Hola ra lebala lebitso la Modimo wa rona, ra emisetsa modimo osele matsoho a rona,

21. na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.

22. Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.

Dipesaleme 44