Dipesaleme 42:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.

6. Modimo wa ka, moya wa ka o hlorehile kahare ho nna; ka baka leo, ke o hopola ke le naheng ya Jordane, ho tloha Hermone le thabeng ya Mitseare.

7. Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.

8. Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.

Dipesaleme 42