Dipesaleme 40:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ke bolela ho loka phuthehong e kgolo; ha ke a thiba melomo ya ka, Jehova; o a tseba.

10. Ha ke pate ho loka ha hao hara pelo ya ka, ke bolela botshepehi ba hao le poloko ya hao; ha ke a ka ka lobela phutheho e kgolo mohau wa hao le nnete ya hao.

11. Le wena, Jehova, o se ke wa nkganela le mehauhelo ya hao! Mohau wa hao le nnete ya hao a di ke di mpoloke kamehla!

12. Hobane ke teetswe hare ke dimpe tse sa balweng; ditlolo tsa ka di ntshwere, ke tshaba ho di bona; di ngata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka, ke fellwa ke pelo.

13. Oho Jehova, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa.

14. A ba ke ba apeswe hammoho ke dihlong le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka, ho nkamoha bona! A ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!

15. A ba ke ba makale ke dihlong tsa bona, bona ba reng bakeng sa ka: Ha! Ha!

16. Bohle ba o batlang a ba ke ba thabe, ba nyakallele ho wena; ba lakatsang poloko ya hao ba ke ba re kamehla: Jehova a ke a hodiswe!

17. Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; empa Morena o a nkgopola! O thuso ya ka le mopholosi wa ka; Modimo wa ka, o se ke wa dieha.

Dipesaleme 40