Dipesaleme 39:8-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. O ntwele dibeng tsa ka kaofela, o se ke wa mpeela ditshomo tsa lewatla.

9. Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.

10. O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.

11. Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)

12. Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.

13. O se ke wa hlola o ntlhaba ka mahlo, ke tle ke boele ke ele, ke eso ho ikele, mme ke eba siyo!

Dipesaleme 39