Dipesaleme 39:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!

7. Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.

8. O ntwele dibeng tsa ka kaofela, o se ke wa mpeela ditshomo tsa lewatla.

9. Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.

10. O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.

11. Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)

Dipesaleme 39