Dipesaleme 38:19-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.

20. Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.

21. O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!

22. Phakisa ho tla nthusa, wena Morena, Mmoloki wa ka!

Dipesaleme 38