Dipesaleme 38:10-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Pelo ya ka e a opa, matla a ka a ntlohela, le lona lesedi la mahlo a ka ha le sa le yo ho nna.

11. Metswalle ya ka le banabeso ba emetse thoko, ha ba bona leqeba la ka, le beso ba emetse hole.

12. Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.

13. Empa nna, ke tshwana le ya thibaneng ditsebe, ke jwaloka semumu se sa ahlamiseng molomo wa sona.

14. Ke jwaloka motho ya sa utlweng, ya se nang phetolo molomong wa hae.

15. Hobane ke itshepetse wena, Jehova! O tla nkarabela, Morena, Modimo wa ka!

16. Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.

17. Hobane ke ntse ke batla ho wa, bohloko ba ka bo ntse bo le mona pela ka;

18. hobane ke ipolela bokgopo ba ka, mme ke hlora ke sebe sa ka.

19. Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.

20. Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.

21. O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!

22. Phakisa ho tla nthusa, wena Morena, Mmoloki wa ka!

Dipesaleme 38