Dipesaleme 38:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova, o se ke wa ntaya kgalefong ya hao, o se ke wa nkotla bohaleng ba hao.

2. Hobane metsu ya hao e kene ho nna, letsoho la hao le hlile le nkimetse.

3. Kgalefo ya hao ha e a ka ya siya letho le phelang nameng ya ka, sebe sa ka se tlositse pholoho yohle masapong a ka.

4. Hobane makgopo a ka a phahamile ho feta hlooho ya ka, a nkimela ka boima ba wona jwaloka phahlo e thata.

5. Maqeba a ka a nkga, a tswa boladu, ka ketso ya bohlanya ba ka.

6. Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaya ka bofifi tsatsi lohle;

7. hobane mollo o tuka maleng a ka, ha ho sa le letho le pholohileng nameng ya ka.

8. Ke feletswe ke matla, ke robehile hampe, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka ...

9. Morena, dithato tsa ka kaofela di pela hao, masisapelo a ka ha a pateha ho wena.

Dipesaleme 38