Dipesaleme 37:27-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. Sesefa bobe, o etse botle, ke moo o tla dula o iketlile ka ho sa yeng kae.

28. Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.

29. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatshe, mme ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.

30. Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;

31. pelong ya hae o na le molao wa Modimo wa hae, maoto a hae a ke ke a thella.

32. E mobe o lalla ya lokileng, o batla a ka mmolaya;

33. empa Jehova a ke ke a mo tlohella matsohong a hae, a ke ke a mo tswa ha a ahlolwa.

34. O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.

35. Ke bone e mobe a iphile matla, a phahamile jwaloka sefate se fupuhang naheng ya sona;

36. o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.

37. Lemoha ya lokileng, o tadime motho wa toka; hobane motho wa kgotso o sa tla bona ditloholo,

38. empa ba bolotsana ba timela, mme ditloholo tsa ba babe di a fediswa.

39. Poloko ya ba lokileng e tswa ho Jehova; ke yena qhobosheane ya bona letsatsing la matswalo;

40. Jehova o a ba thusa, o a ba boloka; o ba namolela ho ba babe, o a ba pholosa, kahobane ba beile tshepo ya bona ho yena.

Dipesaleme 37