Dipesaleme 37:14-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Ba bolotsana ba tsomotse marumo, ba tjhehile diqha ho diha mohlomohi le mofumanehi, ho bolaya ba metsamao e lokileng;

15. marumo a bona a tla fohla dipelong tsa bona, diqha tsa bona di robehe.

16. Se senyenyane se ruilweng ke ya lokileng se fetisa nala ya ba babe ba bangata;

17. hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.

18. Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;

19. ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.

20. Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.

21. E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;

22. hobane ba hlohonolofatswang ke Jehova ba tla ja lefa la lefatshe, empa bao a ba rohakang ba tla fediswa.

23. Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;

24. leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.

Dipesaleme 37