Dipesaleme 35:9-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.

10. Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?

11. Dipaki tsa leshano di ntsohella ho mpotsisisa seo ke sa se tsebeng.

12. Ke lefelwa botle ka bobe; ke lahlilwe.

13. Athe nna, malwetseng a bona ka itlama ka lesela le mahwashe, ka itlhokofatsa ka ho itima dijo, ka rapela ka hlooho e kobotetseng sefubeng;

14. ka tsamaya ka dillo jwaloka hola ke timeletswe ke motswalle, kapa ke ngwaneso; ka apara diaparo tsa bofifi le ho kobotela fatshe jwaloka hola ke llela mme.

15. Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.

16. Ba ikopanya mmokeng le basomi le ba jang ka diteme, ho ntsikitlanyetsa meno.

17. Morena, o tla tadima hoo ho isa kae? O lopolle bophelo ba ka ho senyeng ha bona, le moya wa ka ditawaneng!

Dipesaleme 35