4. Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.
5. Ba be jwaloka mooko o fefolwang ke moya, lengeloi la Jehova le ba lelekise.
6. Tsela ya bona e ke e be e lefifi, e thelle, lengeloi la Jehova le ba lelekise!
7. Hobane leha ho bo ho se molato, ba tjhekile lemena pela maoto a ka, ba tjheketse bophelo ba ka feela.
8. Tshenyeho a e ke e ba wele hodimo ka sehloho; ba ke ba tshwaswe lerabeng leo ba le patileng, ba wele teng, ba timelle ho lona!
9. Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.
10. Masapo a ka kaofela a tla re: Jehova, ke mang ya jwaloka wena; ya ka bolokang ya madimabe ho ba mo hlolang ka matla, ya madimabe le mofumanehi ho batlatlapi ba bona?
11. Dipaki tsa leshano di ntsohella ho mpotsisisa seo ke sa se tsebeng.