Dipesaleme 35:21-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ba ahlamisa melomo ya bona hodima ka, ba re: Ha! Ha! mahlo a rona a bona.

22. Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!

23. Tsoha, o phaphame ho nkahlolela, Morena wa ka, Modimo wa ka, o lokise ditaba tsa ka!

24. O nkahlolele ka ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa ka, ba se ke ba thaba ka nna!

Dipesaleme 35