Dipesaleme 34:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Sefahleho sa Jehova se tjamela ba bolotsana ho tlosa ho hopolwa ha bona lefatsheng.

17. Ba lokileng ha ba howa, Jehova o a ba utlwa, o ba imolla matswalong a bona kaofela.

18. Jehova o haufi le ba pelo tse robehileng, o thusa ba meya e teteditsweng.

19. Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;

20. o boloka masapo a hae kaofela, ha ho le leng le robehang.

21. Bomadimabe bo tla bolaya ya bolotsana, mme bao e leng dira ho ya lokileng ba tla tsuwa.

22. Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.

Dipesaleme 34