Dipesaleme 33:17-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Pere hase ntho e hlolang, motho a ke ke a phonyoha ka matla a yona.

18. Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,

19. ho holla meya ya bona lefung le ho ba phedisa mehleng ya tlala.

20. Meya ya rona e itshepetse Jehova: ke yena thuso ya rona le thebe ya rona.

21. Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.

22. Mohau wa hao, Jehova, a o be hodima rona, jwalokaha re itshepetse wena.

Dipesaleme 33