2. Phakisa o mpoloke! O be lefika ho nna, le setshabelo, le qhobosheane ya poloko!
3. Hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka; mme ka baka la lebitso la hao, o tla mpontsha tsela o ntsamaise ho yona;
4. o tla nkgula lerabeng leo ba ntjhehileng ka lona sephiring tlasa maoto a ka, hobane o tshireletso ya ka!
5. Ke laeletsa moya wa ka matsohong a hao; o ntopolotse, Jehova, Modimo wa nnete!
6. Ke hloile barapedi ba medimo ya lefeela; empa ke beile tshepo ya ka ho Jehova!
7. Ke tla ithabisa, ke ithabisetse mohaung wa hao; ka baka la hobane o lemohile bomadimabe ba ka, o qamakisitse matswalo a moya wa ka,
8. mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.
9. Jehova, nkutlwele bohloko, hobane ke matswalong! hobane hlomoho e qetile mahlo a ka, le moya wa ka, le mala a ka.
10. Hobane bophelo ba ka bo omella ke mahlomola, le dilemo tsa ka ke masisapelo. Matla a ka a robehile ke molato wa ka; masapo a ka a nyebeletse.
11. Ka baka la bohle bao e leng dira ho nna, ke fetohile ntho e dihlong tse kgolo ho ba ahisaneng le nna, le setshosa ho metswalle ya ka; ba mponang lepatlelong ba mpalehela;
12. ho batho ke lebalehile jwaloka mofu ya seng a le siyo mehopolong, ke jwaloka moeta o lahlwang;
13. hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.
14. Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!