Dipesaleme 26:9-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi,

10. ba tshwereng polao matsohong a bona, mme seatla sa bona se setona se tletse dineo tsa qeko!

11. Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau!

12. Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.

Dipesaleme 26