3. E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.
4. Jehova, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mekgwa ya hao.
5. O ntsamaise nneteng ya hao, o nthute, hobane ke wena Modimo wa poloko ya ka; kamehla ke ntse ke bea tshepo ya ka ho wena.
6. Jehova, o elellwe mehauhelo ya hao le lereko la hao, hobane ke tsa kamehla!
7. O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!
8. O nkelellwe ka lereko la hao ka baka la mohau wa hao, Jehova!
9. Jehova o molemo, o lokile; ke ka baka leo a bontshang baetsadibe tsela, a tsamaisang ho lokeng ba bonolo pelong, a ba rutang tsela ya hae.
10. Ditsela tsa Jehova kaofela ke mohau le nnete ho bohle ba bolokang selekane sa hae le ditaelo tsa hae.