Dipesaleme 25:13-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Moya wa hae o tla iketla lehlohonolong, ditloholo tsa hae di tla rua lefatshe.

14. Lekunutu la Jehova ke la ba mo tshabang, o ba ruta selekane sa hae.

15. Mahlo a ka a tadima Jehova kamehla, hobane o tla tshwasolla maoto a ka lerabeng.

16. Jehova, o retelehele ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, ke madimabe!

17. Matswalo a pelo ya ka a eketsehile; o ntokolle tsietsing tsa ka.

18. Tadima bomadimabe le bohloko ba ka, o ntshwarele dibe tsa ka tsohle.

19. O tadime bongata ba dira tsa ka, le hloyo e mpe eo ba ntlhoileng ka yona.

20. O boloke moya wa ka, o ntopolle; ke se ke ka swaba, hobane ke beile tshepo ya ka ho wena.

21. Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.

Dipesaleme 25