Dipesaleme 25:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Jehova, ke phahamisetsa moya wa ka ho wena.

2. Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!

3. E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.

4. Jehova, mpontshe ditsela tsa hao, o nthute mekgwa ya hao.

5. O ntsamaise nneteng ya hao, o nthute, hobane ke wena Modimo wa poloko ya ka; kamehla ke ntse ke bea tshepo ya ka ho wena.

6. Jehova, o elellwe mehauhelo ya hao le lereko la hao, hobane ke tsa kamehla!

7. O lebale dibe tsa botjha ba ka le ditlolo tsa ka!

Dipesaleme 25