Dipesaleme 24:8-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova ya matla, ya sa sitweng ke letho, Jehova ya matla ntweng.

9. Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya!

10. Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.)

Dipesaleme 24