1. Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona.
2. Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba.
3. Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae?
4. Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa.
5. Motho ya jwalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Modimo, Mmoloki wa hae.