Dipesaleme 22:28-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. hobane mmuso ke wa Jehova, ke yena ya renang hodima ditjhaba.

29. Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa.

30. Ditloholo tse tlang ho hlaha di tla mo sebeletsa, moloko o tlang o tla bolellwa kganya ya Morena.

31. Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo.

Dipesaleme 22