Dipesaleme 21:10-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. o tla fedisa moloko wa bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho;

11. hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla;

12. o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona.

13. Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng.

Dipesaleme 21