Dipesaleme 149:4-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hobane Jehova o thabela setjhaba sa hae, o kgabisa bahlomohi ka ho ba pholosa.

5. Bakgethwa ba hae a ba ke ba ithabelle kganya, a ba ke ba tshele ditlatse tsa nyakallo malaong a bona.

6. Dithoko tsa Modimo di ke di be melomong ya bona, le marumo a mahale a mabedi diatleng tsa bona, ho sebetsa phetetso ditjhabeng,

7. le kgalemelo merabeng, ho tlama marena a tsona ka mahlaahlela,

8. le mahosana a tsona ka ditshepe;

9. ho phetha ho bona kahlolo e ngodilweng. Ke yona kganya e boloketsweng bakgethwa ba hae kaofela.Bokang Jehova!

Dipesaleme 149