1. Bokang Jehova!Binelang Jehova sefela se setjha, a nne a rokwe phuthehong ya bakgethwa ba hae.
2. Iseraele a ke a ithabelle Mmopi wa hae; bana ba Sione a ba ke ba hlasimolohele morena wa bona!
3. Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!